Saturday, May 10, 2008

Lumelang!

Lumela Motho,

ke thaba haele mona o iphile nako ho bala ho ngotsoeng mona. O tsebe hore ha se ha ngata o fumana rona batho re kgabang le hona ho thahasella puo ena ya rona ya Sesotho, haholo joang ha re ile ra feta dikolong tse mona tsa thuto e phahameng. Maikemisetso a ka ka hona ha se ho seolla le hona ho kgothalletsa hore re nene ditjhaba tse ding, ke mpa ke leka ho matlafatsa tshebediso ya puo ya Sesotho mona ho internet.

Nna le oena re tla lokela hore re mamellane ka hobane ke Mosotho ya hotseng a bua puo ya baditjhaba ebile moo ke holetseng teng Sesotho re se bua re bile re se tsoaka le puo eo ya baditjhaba ka nako tsohle. Ha ke ntse ke bua ke yenne ke akgelle mantsoe mona le mane ao e seng a puo ya Sesotho, hangata hona ke ho etsa ke sa ele hloko hobane ele mokgoa oo ke hotseng ke bua ka ona. Empa ke ntse ke leka ho fokotsa kenyelletso ya mabitso ao puong ya ka.

Hantle-ntle maikemisetso a ka ka blog ena ke ho buisana le bohle ba nang le kgahleho ka diketsahalo tsa naheng ena ya rona re sebedisa puo ea Sesotho. Dintlha tseo re tla buisana ka tsona di kenyelletsa dipolotiki, bophelo ka kakaretso, dikamano tsohle joalo joalo.

Ke ne ke itsibisa feela le hona ho leka ho o hlalosetsa lebaka la hore ke etsa blog ena. Re tla boela re bua ha nako e ntse e tsamaya.

Morena oa kgotso a o etse hantle.

Dikgomo,
Tsoeu Koto